Sesotho "I'm New"
Rea utlwisisa hore ho ba motswadi ka bo hona, hoa kgathatsa . Jwale eketsa ka mefuta e mengata ya maleiri a lesela e leng teng. Ho ka etsa hore motho a tarakane kelello!
Ke ka lebaka leo re entseng selelekela se bonolo sa tsohle tse amanang le maleiri a lesela. Tobetsa tab ereng 'I'm new' bakeng sa menyu wa ho sekorola. O kanna wa sheba le video ya selelekela sa maleiri a lesela mona.
SESOTHO CLOTH NAPPIES CHEAT SHEET

Mefuta ya Maleiri a Lesela
-
Leleiri la lesela = kgetla e thibelang metsi (waterproof) kantle, (ka mohlala PUL) + karolo e tla monya metsi ka hare
-
Khavara = kgetla e thibelang metsi (waterproof), Inserts (lesela le kenang ka hare), flats (lesela leo o imenelang lona), fitteds (le leiri le rokilweng, lekantsweng, leo dikarolo tsa lona kaofela dikgonang ho monya metsi), prefolds (le leiri le tlang le menilwe) = mefuta e fapaneng ya karolo tse monyang metsi tsa leleiri
-
AIO = dikarolo tsohle di rokelletswe hoetsa ntho e lengwe
-
AI2 = khavara + lesela le monyang metsi le konopelwang
-
Pockets (Pokotho) = khavara e rokelletsweng pokotho + lesela le monyang metsi.
-
Hybrid fitted = leiri le rokilweng, lekantsweng, leo dikarolo tsa lona tsa kahare dikgonang ho monya metsi empa kgetla ya lona ena le boya (fleece) bo patueng ka hare bo kgonang ho thibela metsi
Printable Version
Click Here
AIO - All in One
AI2 - All in Two
Sizing
NB: Tswalong - 7kg
OS: 5+kg
Boholo bo fetolwa ka dikonopo

A ma kae?
-
A tla lekanang ho tjhentjha lesea le qetang ho tswalwa makgetlo a 36; a boholo bo le bong a tla lekanang ho tjhentjha makgetlo a 24
Ke tla hlokang hape ho re ke kgone ho sebedisa maleiri a lesela?
-
Khabinete (Bakeng sa ho beha maleiri a hlwekileng)
-
Emere e omeng kapa e senang metsi (bakeng sa ho beha maleiri a ditshila)
-
Tsa boikgethelo- ntho ya ho tsokotsa maleiri ntlwaneng (diaper sprayer), masela a ho phumula, di laenara tse folashehang kapa tse lahluang, setlolo sa maraho se sa senyeng maleiri
HLOKOMELA: bakeng sa maleiri a theko e tlaase le ho feta, leka a boiketsetso (DIY) kapa a sebedisitsweng (preloved)
-
Boloka maleiri a ditshila ka hara emere e senang metsi (tsokotsa mantle ntlwaneng haebaneng lesea la hao le se le qadile ho ja dijo)
-
Sebedisa sesepa se seng le seng sa diaparo se tlwaelehileng
-
Tshela tekanyo e kgothalleditsweng sesepeng ya ho hlatswa diaparo tse silafetseng haholo
-
Mokgwa wa ho hlatswa- tsokotsa pele(pre rinse), kgetha saekele e telele motjhining wa ho hlatswa diaparo, tsokotsa hape haebaneng ho sa na le lekweba la sesepa le setseng, omisa maleiri ka ho a aneha terateng ya diaparo kapa ka motjhini wa ho omisa diaparo o sa tjheseng haholo
A BIG thank you to Nosipho Sombane for doing the translation